MATSHWAO: 80
NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 19.
PAMPIRI YA 2 (P2)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Bala dintlha tse hlahellang leqepheng lena ka hloko PELE o qala ho araba dipotso.
Se ke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima pele karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse botsitsweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Ka mora hoba o etse sena, bala dipotso tseo, mme e be o kgetha tseo o ratang ho di araba.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse THARO, e leng:
KAROLO YA A: Dithothokiso 
KAROLO YA B: Padi/nobele 
KAROLO YA C: Tshwantshiso/terama 
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
O lokela ho araba dipotso tse HLANO kaofela:
Tse THARO ho KAROLO ya A
E le NNGWE ho KAROLO ya B
E le NNGWE ho KAROLO ya C
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ena ya dipotso.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ya hae ka mokgwa o latelang:
Metsotso e 40 KAROLO ya A
Metsotso e 55 KAROLO ya B
Metsotso e 55 KAROLO ya C
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
LEQEPHE LA DIKAHARE:
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a ratang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri yohle.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso tse PEDI feela ho tsona.
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Thothokiso ya 4 - O Ilelang
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
MMOHO LE
Thothokiso eo mohlahlobuwa a sa ithutang yona: Potso E TLAMANG ho arajwa ke BOHLE (mohlahlobuwa e mong le e mong): Araba potso e le NNGWE (efe kapa efe ho tse pedi tsena):
Thothokiso ya 1 - Enwa motho
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Thothokiso ya 2 - Dithoko tsa Liketso
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAROLO YA B: PADI/NOBELE
Araba potso e le NNGWE feela ho tsena:
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Padi/nobele ya 1 - Botsang lebitla
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Padi/nobele ya 1 - Botsang lebitla
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Padi/nobele ya 3 - Mme
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Padi/nobele ya 4 - Mme
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso e le NNGWE feela ho tsena:
NOMORO YA POTSO
MOFUTA WA POTSO
MATSHWAO
Tshwantshiso ya 1 - Seyalemoya
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Tshwantshiso ya 1 - Seyalemoya
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
KAPA
Tshwantshiso ya 2 - Haeso
Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo)
KAPA
Tshwantshiso ya 2 - Haeso
Mofuta wa dipotso tse kgutshwane
ELA HLOKO:
Karolong ya B le ya C araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
Lenanenetefatso:
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
KAROLO YA
NOMORO TSA DIPOTSO
PALO YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA
TSHWAYA
A: DITHOTHOKISO
Potso e telele (ya moqoqo) KAPA
dipotso tse kgutshwane tseo o ithutileng tsona
A: DITHOTHOKISO
Potso e telele (ya moqoqo) KAPA
dipotso tse kgutshwane tseo a sa ithutang tsona
B: PADI/NOBELE
Potso e telele (ya moqoqo) KAPA
dipotso tse kgutshwane
C: TSHWANTSHISO/TERAMA
Potso e telele (ya moqoqo) KAPA
dipotso tse kgutshwane
PALO YOHLE YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA:
ELA HLOKO:
O tshwanetse hore o be o arabile potso e le NNGWE ho KAROLO YA B le potso e le NNGWE ho KAROLO YA C tseo e leng mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le mofuta wa dipotso tse kgutshwane dikarolong tsena.
KAROLO YA A: DITHOTHOKISO
Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (POTSO YA 1 - 6). Araba dipotso tse THARO feela karolong ena;
ELA HLOKO:
Kgetha mme o arabe dipotso tse PEDI feela dithothokisong tseo o ithutileng tsona selemong sena (POTSO YA 1 ho isa ho POTSO 4); e be o tswela pele ho kgetha le ho araba potso e le NNGWE feela dithothokisong tseo o sa ithutang tsona (POTSO YA 5 le POTSO YA 6).
POTSO YA 1
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Utlwa phala sebakeng ho kgabola,
Phala ke yang hara kgitla bosiu?
Polesa le phallisa motho lekwatakwata,
Kweta se entse dihlong mahlong a batho.
Mosadi boko ke sang mafifing?
Mosadi o kopane le botsotsi, dipifi,
Ntho tsena di pelo mpe di a tshabeha,
Di roba motho lengole a sa lemohe.
Re tla robala neng e le bosiu?
Re sa qeaqea ho beha mantswe,
Mantswe mafifing re a hweshetsa.
Hora ho tjhaile kgitla bosiu,
Le hleka mesalla batho bolotsana.
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa thothokiso, tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao, o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao ka hara thothokiso ena.
KAPA
POTSO YA 2
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Fifing la bonkantjana thunya tsa kgabola;
Fifing la bosiu kanono tsa kgaruma,
Banna, basadi le bana ba phatlalla;
Banna, basadi le bana ba rapalla.
Thoteng ha utlwahala lepatlapatla;
Modumo wa dithunya lethwathwarathwara,
Jo! Po! Batho ra wa mofela,
Ba wa mofela tjhaba sa fela.
Thota tsa ntshofala tsa silafala,
Thota tsa silafatswa ke topo tsa batho,
Thunya tsa thwathwaretsa ka Soweto,
Mosi wa foqoha hara mpa ya motsheare,
Lehodimo la fifala la apara botsho,
Fatshe la reketla la thothomela.
DIPOTSO:
Bontsha paterone ya raeme eo sethothokisi se e sebedisitseng temanathothokisong tse pedi tse qalang (1 - 4 le 5 - 8).
Hlalosa ka mantswe a hao se bolelwang ke temanathothokiso ya bone (13 - 16).
Bohlokwa ba karaburetso e sebedisitsweng thothokisong ena ke bofe?
Ke sefe se totobatswang ke mokgabisopuo o molathothokisong wa 3?
Ho latela kutlwisiso ya hao, o ka re ke sefe se totobatswang ke thothokiso ena, malebana le ditokelo tsa botho? Qoholla molathothokiso o le MONG o tiisang karabo ya hao.
KAPA
POTSO YA 3
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Ntloheleng ke ngole ke iphafe,
Dinnete di be phatlalatsa,
Ha se mara ha se ho fela.
Puo eso e a kgaba banna,
Tjhomi ke yona ya mongolo,
Pina tsa melodi sebabatso,
Ke sena se sentswe kajeno,
Tshwaetso ke ya Manyesemane,
Puo e hlakileng e monyetse,
Ho se ho phahlwa ho phothasela.
DIPOTSO:
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Nehelana ka lebaka la karabo ya hao e ho POTSO 3.1.
Ho thwe ke lebaka lefe le etsang hore Ntjheme a se sebetse hantle sekolong?
Lebaka la sethothokisi la ho sebedisa lekgotsi le phetilweng habedi, qetellong ya molathothokiso wa 8 ke lefe?
O ka re sepheo se seholo sa sethothokisi ka thothokiso ee ke sefe?
Ho ya ka wena, o ka re pheko ke efe bothateng boo ho buuwang ka bona thothokisong ee?
KAPA
POTSO YA 4
Bala qotso ena ya thothokiso ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
O llelang - T Leballo
O llelang athe o moiketsi?
O hanne sekolo wa rata tjhelete,
O lla ka ntshi mookgo o sa tswe,
O llelang?
O llelang athe o ratile?
O ratile bosadi ho feta bokgarebe,
Wa re tsa hao dithaka di nyetswe,
Wa tshwela pompong wa momona makgonatsohle,
Pompong ke botjha le menate ya bona,
Makgonatsohle ke bosadi le mathata a bona,
O llelang?
DIPOTSO:
Thothokiso ena ke ya mofuta ofe?
Ke melathothokisong efe e mmedi moo ho sebedisitsweng phetapheto ya sebopeho sa mela?
Molathothokisong wa 3, ikgethele letshwao (makgabane) le le leng la thothokiso mme o bolele bohlokwa ba lona moo.
Hobaneng sethothokisi se qetella temanathothokiso e nngwe le e nngwe ka 'O llelang'?
Hlalosa hore maikemisetso a sethothokisi ke afe ka kganyetsano/kganyetso e melathothokisong ya 11 le 12?
KAPA
ELA HLOKO:
Dipotsong tsena tse pedi tsa ho qetela (POTSO YA 5 le POTSO YA 6), mohlahlobuwa O TLAMEHA maoto le matsoho hore a kgethe mme a arabe potso e le NNGWE feela; haeba mohlahlobuwa a kgetha ho araba POTSO YA 5, a se tswele pele ho araba POTSO YA 6. Ebang le teng a sa etse kgetho e jwalo, a kgethile ho araba POTSO YA 6, a se arabe POTSO YA 5.
Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6.
POTSO YA 5
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba potso e tla e latela.
Nnete re a mmona enwa motho,
O tshwana hantle le ba bang;
O monyane, o moholo,
O hana nnete ho hola,
Eka motho, eka lempetje.
Motho ha a tshwarehe,
Athe o mona, hape o mane,
Eka tswekere, athe ke mohalakane;
Motho ruri ha a tshwarehe.
Nnete ke ho re;
Enwa motho ha ke mo tsebe,
Bang ba hana mmila o fetse,
A le moputswa pududu!
Eba ke hona a ntsa hana,
A hana, a tswedipana
Ngola ka mantswe a 250 - 300 o bontshe/hlalose makgabane/dihlomo/dibetsa tsa thothokiso, tseo sethothokisi se di sebedisitseng thothokisong ena. Karabong ya hao o qoqe ka makgabane a seng ka tlase ho a mararo mme o be o totobatse bohlokwa ba makgabane ao thothokisong ena.
KAPA
POTSO YA 6
Araba POTSO ena ya 6 haeba o sa ka wa araba POTSO ya 5 e ka hodimo.
Bala thothokiso ena ka tlhoko, e be o araba dipotso tse tla e latela.
Nonyana tsa lehodimo nkadimeng bokgeleke,
Ke bolele tsa Liketso ke utulle dimaka
Ke bue ka mmampodi kodu thamaha,
Ke bue ka kgeleke ya seqapi lefaufau.
Mophethe tau ya bana ba Taung,
Kgelekehadi ya pene le pampiri.
Menyabuketso ya Mophethe ha se thellisaneng,
Maqaba mofela a wa,
Bowatla le bokwala di ikakgetse,
Ba tshaba menyabuketso ba tshaba bokgeleke.
Kajeno e a sasanka namane ya mohlaka,
E supa ka monwana e boha diakere,
E ithorisa ka dikgau e seng ditlhapiso,
E bua e bososela e re e behile meja fatshe,
DIPOTSO:
Ke sefe seo Liketso enwa a bolediswang ka sona ?
Qoholla molathothokiso o le mong feela o dumellanang le karabo ya hao e ho POTSO 6.1.
Akaretsa ka mantswe a hao se bolelwang ke temanathothokiso ya 3 (11 - 15).
Hlalosa bohlokwa ba mokgabisopuo o molathothokisong wa 7.
Bontsha kamoo sethothokisi se sebedisitseng ka katleho lebotsi le molathothokisong wa 6.
Ho latela ditaba tsa thothokiso ena, o ka re molaetsa wa sethothokisi ke ofe?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: PADI/NOBELE
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA B, o tlameha ho kgetha mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA C. Ebang o sa etse kgetho e jwalo, o araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B, teng jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha ho araba potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.
POTSO YA 7
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450, qoqa kamoo mongodi a hlahisang semelo sa baphetwa bana ka dipuo le diketso tsa bona:
KAPA
POTSO YA 8
Bala seratswana sena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla se latela.
Tsietsi le Tseleng ba siya koloi eo pela seteishene sa mapolesa, mme ba ikela hoteleng. Eitse ha ba fihla, ba kopa lenane la dijo tse jewang tsatsing leo. Tsietsi a tadima Tseleng, yaba o re, ''HO JEWANG KAJENO?''
Ke eng eka re jelelletse le masooko tjee'', ho botsa Tsietsi.
O hlokomele re se ke ra tswa kotsi.''
Ho fela ntho tse sa sebetseng he tsona tseo'', ho araba Tseleng. ''Ke tsona tseo ho qetwang tjhelete ya bahlophehi ka tsona. Ha e le eo monnamoholo, o ithutile tse kgolo hona kajeno tjena. A ke ke a hlola a pheta. O tla bakela ruri.''
Tjhee, re mo siile le matshediso, ha ho tshwane'', ho realo Tsietsi. ''Ke kgale a eja diponto tsa batho. Kajeno lena le yena leshome le mo lekane!''
Tseleng a tsheha. A boela a tadima Tsietsi ka mahlong, yaba o re, ''HO JEWANG KAJENO?''
DIPOTSO:
Koloi ena e siuwang poleseteishene ke ya mang?
Hobaneng baphetwa bana ba botsana potso ena kgafetsa: ''Ho jewang kajeno?''
Lenyalo leo boTsietsi ba neng ba le ho lona tsatsing leo, le ne le le polasing. Ke sefe kgaolong ena se tiisang hore e feela tikoloho eo ke ya mapolasing?
Ke sefe seo Tsietsi le Tseleng ba neng ba tshwana ka sona, seo Tsietsi a qadileng ho se tseba ha a le sepetlele?
Hlalosa hakgutshwane kgohlano ya ka hare e bileng teng ho Tsietsi, nakong eo a neng a le ka kerekeng. Tlhalosong ya hao o se lebale ho nehelana ka sesosa sa kgohlano eo.
Nehelana ka mefuta e MMEDI ya maemo a phedisano, e hlahellang kgaolong eo ho qotsitsweng ditaba tse ka hodimo ho yona. Nehelana ka mabaka a karabo ya hao.
Ho latela ditaba tsa qotso ena, o ka re ntlhakemo ya mongodi ke efe malebana le bongaka ba setso? Hobaneng o realo?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re diketsahalo tsa pale ena ke tsa mehleng efe? Tshehetsa karabo ya hao o ntse o ipapisitse ka ditaba tsa pale ena.
Na o dumellana le maikutlo a reng Tsietsi ke mophetwa ya ntlhanngwe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
Moaparo wa Tsietsi mohla a neng a ilo kopana le phofu ya hae ya ho qetela (Sekama Molollope), o dumellana kapa o hanana jwang le kamoo a neng a ikutlwa kateng tsatsing leo?
KAPA
POTSO YA 9
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450, qoqa kamoo mongodi a hlahisang semelo sa baphetwa bana ka diketso tsa bona:
Dikenkeng
KAPA
POTSO YA 10
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
Hore ebe ha ke tsebe se etsahetseng ka Zeblon, ke ne ke sa phomole moyeng. Le ba habo ke ne ke sa ba tsebe moo ba leng teng. Feela ke ne ke tshwenngwa ke hore na ka tsatsi le leng, ha ke teanya mahlo le bona ke tla re ngwana wa bona o jelwe keng. E re ka ha dipampiri tsa ditaba di tletse le naha ena, mohlomong ba tsebile ka hore o ntse a batlwa ke mapolesa. Ha Dikenkeng a nketetse, re ne re bua kgafetsa ka Zeblon. Ka nako e nngwe re ne re qholotswa ke ha re ka bona sehlooho sa ditaba tse buang ka 'special branch' pampiring ya ditaba. Kapa moo ho ngotsweng ka kgohlano ya lekgowa le motho e motsho. Dikenkeng, jwalo ka nna o ne a nka ho nyamela ha Zeblon e le mohlolo.
DIPOTSO:
Zeblon eo ho buuwang ka yena moo ke mang?
Mohatsa Zeblon e ne e le mang?
Lebitso leo Zeblon a ileng a itheha lona hoba a tlohe motseng wa Pretoria ke lefe? Ke ka baka lefe a ileng a iphetola lebitso?
Ebe ho iphetola lebitso hoo ha hae ho ile ha mo tswela molemo? Hlalosa.
Ka mantswe a hao akaretsa mabaka a ileng a etsa hore Zeblon le mofumahadi wa hae ba etse qeto ya ho tloha Moemaneng.
Ho ile ha etsahalang ka Zeblon mohla ba neng ba tloha motseng oo wa Moemaneng?
Ha Diepollo a tloha lapeng la malomae, o ne a re o ya lapeng habo moo a tswalwang teng empa o ne a sa tsebe hantle hore o lokela ho leba kae. Ke eng e ileng ya etsahala leetong la hae e ileng ya mo fa lesedi la hore a ka fumana tlhahisoleseding kae malebana le moo a yang teng
Ka mantswe a hao, akaretsa ditaba tseo makgerenkgwa a ileng a di bolella Diepollo malebana le hore mmae o hokae.
Tekesing e yang Rammulotsi, Diepollo o ile a teana le mosadi e mong, eo batho ba bangata ba neng ba re o tshwana le yena. Ho ya ka ditaba tsa pale ena ebe motho eo e ne e le mang mme Diepollo yena o tsebile jwang hore o amana le yena?
Tlwaelo e fetoha molao.' Na o dumellana le maele/polelo ee? Hlalosa polelo ena o ikamahantse le se ileng sa etswa ke Diepollo nakong eo a neng a le boemelong ba ditekesi tse yang Rammulotsi.
Ha e ne e le wena o ne o tla ikutlwa jwang ha o ne o ka iphumana o le maemong a tshwanang le a bakilweng ke se ileng sa etsahala POTSONG ya 10.11?
Diepollo eo ho buuwang ka yena o qetelletse a fihlile bohadi ba hae motseng wa Pretoria. Hlalosa hore seo se ile sa etsahala ka baka lefe.
KAPA
POTSO YA 11
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450, qoqa kamoo mongodi a hlahisang semelo sa baphetwa bana:
Rakgadi wa Dikeledi
Tsekiso
KAPA
POTSO YA 12
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
A sa ntse a ikwahlaya jwalo, yaka mohatsa Lesole o a le utlwa letswalo la hae. A ba a retelehela ka ho yena, a re: ''Wena ntate wa mona lapeng, ke swabile haholo hobane ke ka baka la hao ausi Mmateboho a kentsweng kgotla mona, a qoswa ka Mme. Hoja wa tlohela lehloyo lena leo o nang le lona, wa ipha nako ya ho tseba hore motho enwa eo ho buuwang ka yena ke mang, e ka be o sa ka wa etsa sena seo o se entseng. Batho ba bangata ba o bone motseng mona hore o motho ya jwang. Le ha mosebetsi wa Mme o tsamaile hantle, puo tsa hao, le batho bana beno ba tswang hole kwana moo re sa tsebeng, ba di utlwile. Ke mohau ha e le mona o sa ka wa ipha nako ya ho tseba hore Mme ke motho ya jwang. Hoja o ile wa tseba, e ka ba o ile wa tseba hore ausi Mmateboho o re fumanetse motho ya jwang. Mohlomong motho eo a ka be a ile a phela mona lapeng ha hao. O bile lehlohonolo ha e le mona a hlokahaletse ha hao, a tla fa ntlo ya hao mahlohonolo,'' a ntsha sakatuku, a itlhakola mahlo.
DIPOTSO:
Wena ntate wa mona lapeng ...' Motho eo ho thweng ke ntate wa lapeng ke mang?
Mohatsa Lesole o amana jwang le mohatsa motho eo ho thweng ke ntate wa mona lapeng?
Ka mantswe a hao, hlalosa se ileng sa baka hore mohatsa Lesole a be a qetelle a buile mantswe ana a ka hodimo qotsong.
Ha ho se ho fetile nako e ka etsang selemo kapa tse pedi esale Mme a fihla ha Mmateboho, ho ile ha fumaneha hore o na le bohloko bo itseng. Hana o ne a tshwerwe ke eng?
Se neng se etsa hore batho ba bangata ba motseng wa Sharpville, ba rate mosadi enwa ya bitswang Mme ke sefe?
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, na batho ba bohadi ba Mmateboho ba ne ba na le tokelo ya ho mo qosa jwalo ka ha ba ile ba etsa?
Akaretsa ditaba tse ileng tsa lebisa ho nyalweng ha Dikeledi ke monna wa komponeng eo a neng a sa mo tsebe a bile a sa ratane le yena.
Mohlomong motho eo a ka be a ile a dula mona lapeng ha hao.' Bontsha phoqo/tomatso e hlahellang mantsweng ana a mohatsa Lesole.
Ha mohatsa Lesole a se a tseba hantle hore Mme ke mang, o ile a etsa qeto ya ho boloka sephiri seo. Hobaneng a ile a etsa qeto e jwalo? Ha e ne e le wena o ne o tla etsang?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAPA
KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA
Araba potso ya buka eo o ithutileng yona feela karolong ena.
Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA C. Athe haeba ha o a ka wa etsa jwalo, o arabile mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) ho KAROLO YA C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE ya mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane ho KAROLO YA B le KAROLO YA C.
POTSO YA 13
Mme mpolaye
Ka mehla semelo (botho) sa dibapadi se bohlokwa ditabeng tsa terama. Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400 - 450, qoqa ka semelo sa dibapadi tse latelang:
Dineo
Sefako
KAPA
POTSO YA 14
Bala seratswana sena se latelang ka tlhoko, e be o araba dipotso tse se latelang.
Dineo:
Teboho:
Dineo:
Teboho:
Dineo:
Teboho:
E! O, ahe hle abuti Teboho. Uu ...! Abuti Teboho wa ka!
Butle! Butle ho ntshwara Dineo, o sa le motswetse e motjha haholo.
Akere ke o thabetse abuti Teboho ... O kgonne jwang ho kena moo, ha ba hana hakaale?
Ke kgonne mme ke nna enwa ...
Se ka mmakatsa. Akere o ntse o mpona hore ke nna eo ke a phela? Jwale o mpotsang?
DIPOTSO:
Puisano ena e etsahalla hokae?
Ke mang ya ileng a etsa hore Puleng a lahle Thabo?
Puisano ena e etsa hore babadi ba qahamise ditsebe. Hobaneng?
Ho latela ditaba tsa terama ena, na o ka re mongodi o fihlelletse sepheo sa hae ka puisano ee? Tshehetsa karabo ya hao.
Ho thwe ha ho na ntho e mpe e se nang botle. Ho kgaoha ha maqhama a lerato pakeng tsa dibapadi tse pedi tsena, ho ile ha tswala botle bofe?
Ke sefe se tshwanang pakeng tsa dikamano tsa lerato tse bileng pakeng tsa Teboho le Dineo, le tse bileng pakeng tsa Thabo le Puleng?
Hantlentle sesosa sa kgohlano e bileng teng pakeng tsa Teboho le Dineo e ne e le sefe?
Polelo e reng, 'le pele di na le baji' , e dumellana jwang le ditaba tsa terama ee?
Mohla Thabo a neng a kgaohana le Puleng, o ne a bue mantswe ana: 'Nke ke ka hlola ke tshepa kgarebe hore e a nthata, pele ke ikgodisa ka hohlehohle!' Ho ya ka ditaba tsa terama ena, maikutlo ao a hae e bile taba ya nnete kapa e ne e le mohopolo feela o tliswang ke bohloko? Hobaneng o realo?
Qeto eo Puleng a ileng a e etsa ya hore a lahle Thabo, e mo pepesa e le motho wa semelo sefe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
KAPA
POTSO YA 15
Qoqa mme o hlalose seabo sa Mapetla kgohlanong e hlahiswang ditabeng tsa tshwantshiso/terama ena. Bolelele ba ditaba tsa hao e be mantswe a ka bang 400 ho isa ho a 450. Se lebale ho tiisa dintlha tsa hao ka ditaba tse hlahang tshwantshisong ena.
KAPA
POTSO YA 16
Bala puisano ena e pakeng tsa dibapadi tsena tse tharo ebe o araba dipotso tse e latelang, le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle.
Molefi:
Molefi:
Tjhe, bo bashana, ha ho na bohloko ba letho boo ke bo utlwang. Hape ha ho bothata bofe kapa bofe boo ke iphumanang ke le ka hara bona. Ha e le hantlentle ke iphumana ke le sehlohlolong sa monate wa bophelo ba ka.
Molefi, na ditsebe tsa ka di utlwa hantle seo o se bolelang?
E, ho jwalo, Mofammere. Seo o se utlwileng se fela se le jwalo. Banna e-e, a ke le duleng fatshe ke le phetele seo le neng le sa se tsebe. Etswe ha ke a lokela ho le patela sona hobane nna le lona re tswa nqa e le nngwe. Ha e le tatse yona banna ba heso re se re tla e bona ka letsatsi le leng. Banna e-e, tsebang hore ke se ke kwenehetse Montsheng. Ha e le Mofammere yena ...
DIPOTSO:
Lebitso la kgarebe ya pele ya Molefi ya moo Mafotholeng e ne e le mang tshwantshisong ee?
Bolela lebitso la sebapadi seo e leng mohanyetsi tshwantshisong ena.
Bolela lebitso la kgarebe eo Molefi a neng a qetelle a e nyetse tshwantshisong ena.
Jwalane e ne e le e nngwe ya dikgarebe tsa Molefi tshwantshisong ena. Hana Jwalane o ne a sebetsa toropong efe yena?
Molefi o ne a rata ho nyala Jwalane, empa Jwalane o ne a se a na le ngwana. Hana ngwana eo wa Jwalane o ne a se a le dilemo di kae?
Molefi o bolela hore 'ha ho na bohloko ba letho' boo a bo utlwang. O boetse o bolela hore 'ha e le hantlentle o iphumana a le sehlohlolong sa monate wa bophelo' ba hae.
Ha e le hantlentle ke eng se thabisang Molefi hakaale hoo a iphumanang a le sehlohlolong sa monate wa bophelo ba hae?
Basotho ba re mofuta ha o nkgwe ka nko e se leqoba la kwae. Hlalosa bonnete ba maele ana o ipapisitse ka diketsahalo tse ileng tsa hlahela Molefi hamorao.
Ho ya ka ditaba tseo o sa tswa di hlalosa karabong ya hao ka hodimo (16.6.2), ho bonahala maemo a ditaba a ile a fetoha ka tsela e sa lebellwang. Hlalosa hakgutshwane feela ka moo mongodi a sebedisang ketsahalo ena ho bopa kgohlano sengolweng sena.
Qotso ena eo o sa tswa e bala ke karolo ya ditaba tse ntjha moo Molefi a re utullelang hore o fumane lerato le letjha, le hore ha a sa batla kgarebe ya hae ya mehleng, e leng Montsheng.
Na o ka re karolo eo ditaba tsena (tse hlaloswang ka hodimo) di hlahellang ho yona sengolweng see, e ka bitswa ka hore ke ... Kgetha karabo e nepahetseng ho tseo o di filweng mona ka tlase.
sehlohlolo.
kgolo.
tlhekelo.
tharollo.
tharahano.
Hlalosa hakgutshwane lebaka la kgetho eo o e entseng karabong e ka hodimo ho POTSO 16.7.1.
Bolela lebaka le leholo le entseng hore Molefi a hlanohele kgarebe ya hae ya pele. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tse latelang:
E ne e le molotsana, e kentse mohlankana e mong ka lehafing.
E ne e buela hodimo haholo ha ho buuwa le yona.
E ne e na le ngwana mme e sa ka ya bolella Molefi pele ho moo.
E ne e hlaha lelapeng le futsanehileng.
Tikoloho dingolweng ke lentswe le hlalosang kapa le bolelang sebaka seo dibapadi tsa terama di phelang ho sona ka nako e itseng, mme tikoloho e na le tshwaetso e itseng semelong sa dibapadi tseo.
Hlalosa tikoloho eo Montsheng a hlahang ho yona le ka moo mongodi a e sebedisang ho bopa semelo sa hae ka teng.
Boela o hlalose tikoloho eo Jwalane a hlahang ho yona le ka moo mongodi a e sebedisang ho bopa semelo sa hae ka teng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
